- Bareki ba fana ka ditokomane tsa bona bakeng sa peho ya theko ka
ho tlatsa foromo ka tlasa “Peho ya theko”kappa ka e-mail
mme ba lokela ho nehelana ka lebitso la khampani le aterese, motho
eo ho ikopannwang le yena, nomoro tsa mohala (mohala, fekese le e-mail),
puo ya mohlodi, puo eo ho fetolelwang ho yona, palo ya mantswe, mofuta
wa tokomane (k.h.r. ya setegeniki, ya molao, ya bongaka, ya saense)
le mohla oo mosebetsi o batlwang (nako le mohla). Ela hloko hore bafetoledi
ba ka kgona bonyane ba 1500 le 2500 ya mantswe ka hora.
- Vita Brevis Language e romela peho ya theko.
- Ha moreki a amohela, peho ya theko e lokela ho saenwa le ho romelwa
ka fekese ho +27-21-8896751.
- Hang ha Vita Brevis Language e dumela hore e fumane peho ya theko
e saennweng, tokomane e nehilwe e mong wa sehlopha sa rona sa bafetoledi
ba profeshene.
- Ha e se e phethetswe, ho lekolwa boleng ba phetolelo mme e kgutlisetswa
ho moreki ka e-mail.
|